Menu Close

Bohle sebeletseng Jehova

Batho bohle ba lefatshe
Le sebeletseng Jehova
Ka thabo le ka teboho
Ka hara pelo tsa lona.

Ke yena ya re bopileng
Ra ba ra ba bana ba hae,
Ke modisa wa sebele
Motshehare le bosiu.

A re keneng re thabile
Ka monyako wa Morena
Ka teboho le dithoko
Le atameleng Morena.

Le lebohe le sa phetse
Hoba yena o mohau;
O tletse le botshepehi
Ho isa le ho sa feleng.