- Bokang Jeso, ke Morena,
Bitso la hae ka mehla
Le ke le roriswe;
Mo fapheng ka thoko tsohle –
Lehlaso
Mo roleleng thoriso yohle:
Hlompho, tlotla, kganya,
E be tsa hae tsohle! - Mo fapheng le lona bohle
Ba ntlo e kgethehileng
Ya Iseraele.
Mo fapheng ka tlotla tsohle – - Ba ditjhaba ka mefuta,
Mo opeleng mahofi,
Morena e motle.
Mo fapheng ka mehla yohle – - Faphang Jeso ka dithoko!
Mo tsheleng ka ditlatse
Tsa tlotliso feela!
Mo hodiseng, mo tumiseng – - Ka bophara ba lefatshe,
Re kgumameleng Jeso,
Re rapele yena;
Ka difela a hodiswe.