Menu Close

Bona konyana e madi

Bona, o fehwa sefateng,
Mopholosi wa me,
Ao, lerato le lekaakang,
Ho baetsadibe!

Bona, konyana e madi,
E hlabetswe rona;
Ke moemedi wa rona,
Rona ba melato.

Utlwa, o re: batshwarele,
Ba bolai ba me!
Ha ba tsebe seo, Ntate,
Ba se etsang ho nna.

Bona, konyana e madi,
E hlabetswe rona;
Ke moemedi wa rona,
Rona ba melato.

A ntoo hoa: O, Modimo,
O mphuralletseng na?
A kebisa hloho ya hae,
A shwela basenyi.

Bona, konyana e madi,
E hlabetswe rona;
Ke moemedi wa rona,
Rona ba melato.

La sisinyeha lefatshe,
E, ha timela.
Tsatsi lona la fifala,
Mafik’a kgepoha!

Bona, konyana e madi,
E hlabetswe rona;
Ke moemedi wa rona,
Rona ba melato.

Bona, molat’o lefilwe,
Ka lefu la Jesu.
Le ho rona o fihlile,
Mohau wa Jesu.

Bona, konyana e madi,
E hlabetswe rona;
Ke moemedi wa rona,
Rona ba melato.