Menu Close

BONA SEFAPANONG

  1. Bona sefapanong
    Ya rweswang meutlwa:
    Ke yena Mmoloki wa hao,
    Mora wa Modimo!
  2. Ya songwang ha kalo,
    Ya utlwang bohloko,
    O tlohetswe ke Modimo,
    O jara thohako.
  3. Bona sefapanong
    Mohau o mo kaakang,
    Ka moo Jeso a o shwelang
    Thoteng ya Kgolokgotha!
  4. Bona sefapanong
    O shwa bakeng sa hao!
    Busetsa poko ho yena,
    O mo kgumamele!