- Oho, mahloko a makaakang
A kopanang le mahlomola!
Ka nnete, ke lereko feela
Teng sefapanong. (bis) - Morena theoha hodimo,
A fetoha motho lefatsheng,
Ya eba hlabelo sa bohle,
Teng sefapanong. (bis) - Le mangeloi a inama
A sheba tlase a maketse,
A bona mohlolo moholo,
Teng sefapanong. (bis) - Tumelo re tla e thea kae?
Le tshepo re tla e thea kae?
Lerato re tla le thea kae?
Teng sefapanong. (bis) - Tsietsi di tla fela tsohle,
Ho lefuwe melato yohle,
Dibe di tla tshwarelwa tsohle,
Teng sefapanong. (bis)