Skip to content
BONANG MARUNG O TLA HLAHA
- Bonang marung o tla hlaha,
Molopolli wa batho,
Makgotla a lehodimo,
Bahalaledi bohle –
Ba tla le yena ka thabo,
Haleluya, Haleluya!
Bonang marung o tla hlaha,
Haleluya, Amen!
- Mahlo ohle a tla mmona
Ka kganya ya borena,
Bohle ba mo thakgisitseng
Sefapanong sa lefu –
Ba tla tshoha ba makale,
Ha a fihla yena Keresete.
Bonang marung o tla hlaha,
Haleluya, Amen!
- Ho tla lla diterompeta,
Ho bitsa ba lefatshe;
Bohle ba neng ba mo hloya
Ba tla utlwa ntswe le re:
“Le bitswa ke Moahlodi,
Tlong, potlakelang kahlolo.”
Bonang marung o tla hlaha,
Haleluya, Amen!
- Le se le fihlile jwale
Tsatsi la ho pholoswa;
Ba halalelang kaofela
Ba tla ya ka ho yena –
Ba tla bina ba thabile:
Haleluya, Haleluya!
Bonang marung o tla hlaha,
Haleluya, Amen!
- E, Amen, re tla leboha
Molopolli wa rona:
“Nka Morena, matla a hao,
Busa ka mehla yohle.”
Mme jwale re tla phokola:
Haleluya, Haleluya!
Bonang marung o tla hlaha,
Haleluya, Amen!