Dichaba tsohle tsa lefatshe
Di tla tla Sioneng;
Ba dutseng bochabela-tsatsi,
Le bophirimeleng.
Batho bohle ba tla phuthana
Ho boka Morena;
Ba tla dula, ba tla ratana,
Ba lese ho loana.
Re tla busoa ke Jesu feela,
Ke eena Morena;
Batho ba tla mo khumamela
Ba ane ka eena.
Banna batla besa marumo
Ho tea mehoma;
Ho tla tsamaeloa lefumo
Le tsoang ho Jehova.