Menu Close

DIPELO HA DI TEANE

  1. Dipelo ha di teane,
    Ho phomolwa Moreneng.
    Banabeso, re ratane,
    Jeso, re mo lateleng!
    Ke yena hlooho ya rona,
    Rona, re ditho tsa hae;
    Ke Monghadi, re baena,
    Ke wa rona, re ba hae.
  2. Re mo rateng ka phehello
    Mmoloki ya re shwetseng;
    Hara bohloko le dillo
    Re nne re mo tumiseng.
    Re tliseng le ditlamello
    Tsa rato la boena,
    Hoba ke yona taelo
    E a re fileng yona.
  3. Morena, ha o laetse
    Hore rato le be teng,
    O tsose hle, o phedise
    Ditho tsa hao tse shweleng;
    Hotetsa pelo tsa rona
    Ka mollo wa lerato;
    Teng, bohle ba tla dumela
    Hoba re bana ba hao.