Ditjhaba tsohle tsa lefatshe
Di tla tla sioneng;
Ba dutseng botjhabela tsatsi,
Le bophirimeleng.
Batho bohle ba tla phuthana
Ho boka Morena;
Ba tla dula, ba tla ratana,
Ba lese ho lwana.
Re tla buswa ke Jesu feela,
Ke eena Morena;
Batho ba tla mo khumamela,
Ba ane ka eena.
Banna ba tla besa marumo
Ho tea mehoma;
Ho tla tsamaeloa lefumo
Le tswang ho Jehova.