Menu Close

DUDUETSANG TJHABA TSOHLE

  1. Duduetsang, tjhaba tsohle!
    Tumisang hosanna!
    Lefatshe le dumaele
    Thoko tsa Morena! (bis)
  2. Mo tumiseng ka nyakallo,
    Ho thabe dipelo!
    Bokang Mora wa Modimo,
    Bokang Mora motho. (bis)
  3. Bitso la hae le ratehang
    Ke lee le kgabileng!
    Ke ya matla, ya tlotlehang,
    Ke Rabosafeleng. (bis)
  4. Ditjhabatjhabana tsohle,
    Dipuo, mefuta,
    Di tla be di mo dumele,
    Di mamele yena. (bis)
  5. Mmuso wa hae o tla hola,
    O tlale lefatshe;
    O tla hloleha ka mehla
    O le mong, o notshi. (bis)
  6. O tla rena ka ho loka,
    Dintwa di tla fela;
    Mme hohle ho tla iketlwa,
    E be kgotso feela.