Skip to content
DUMELANG HO JESO
- Dumelang jwale, ho Jeso,
Ka kelello, le ka pelo!
Ha le ka mo amohela
Le se ke la belaela!
Lehlaso
Mmokeng! Mmokeng!
O, Jeso Morena wa rona!
Jeso, Morena wa rona!
Mmokeng! Mmokeng!
O, Jeso Morena wa rona!
Jeso, Morena wa rona!
- Mmokeng ke yena ya renang
Lefatsheng le lehodimong!
Mme re lopollwa ke yena,
O matla, Jeso wa rona!
- Mohlomong ba hanang ba teng
Ba thata ba sa dumeleng
Ba tla ba fifing le letsho
Ba ahlolelwe tahleho!
- Ho teng mothusi wa rona
Ya hlolang le ho kgodisa.
Ba mo pakang ba tla mmona,
Bohle ba tla mo rorisa!
- A re roriseng Morena,
Rokang, a re mo tumiseng.
A re bineleng Konyana
Jwale, le ka ho sa feleng!