Menu Close

Fateng sa Golgotha

Fateng sa Golgotha, moo Mmoloki a shwa,
Teng a bontsha rato la hae:
Tsohle di phethilwe, dira di ahlotswe,
Moo ke lopolotswe dibeng.

Fapanong, fapanong ke dule
Ho be ho fele dintwa mona
Ke tle ke fumana moqhaka
Ka sona sefapano sena.

Tefo e lefilwe sebakeng sa rona
Ka konyana e hlabilweng;
Ka maqeba a hae poelano e teng,
Madi a re nyolla bobeng.

Fapanong, fapanong ke dule
Ho be ho fele dintwa mona
Ke tle ke fumana moqhaka
Ka sona sefapano sena.

Re a o rorisa ka thoko le pina
Ka baka la sefapano;
Ho feleng ha rona re newa moqhaka
Lehaeng la ka hodimo.

Fapanong, fapanong ke dule
Ho be ho fele dintwa mona
Ke tle ke fumana moqhaka
Ka sona sefapano sena.

You cannot copy content of this page