Ha ke le tjee, ke le mobe,
Ke le ya kgesehang,
Na hara baetsadibe
Nna ke bonwe jwang?
Jo, ke mohlolohlolo
Ha ke ratwa le naa
Ka rato le lekalo,
Le ke Morena.
O nkentse jwang Moratuwa,
Ntho e hlokolosi,
Le daemane ya bohlokwa,
Nna, molefatshe?
Jo, ke mohlolohlolo
Ha ke ratwa le naa
Ka rato le lekalo,
Le ke Morena.
Wa mpatla, wa mpatlisisa
Ka dilemolemo;
Wa mphumana, wa mphidisa,
Oona Modimo.
Jo, ke mohlolohlolo
Ha ke ratwa le naa
Ka rato le lekalo,
Le ke Morena.
Ke phela ka boiketso
Atleng tsa Morena;
Ke ka thaka ya leihlo
Le nna ho yena.
Jo, ke mohlolohlolo
Ha ke ratwa le naa
Ka rato le lekalo,
Le ke Morena.