Skip to content
HO KE HO TUMISWE ONA
- Ho ke ho tumiswe Ona,
Bohle ba o kgumamele,
O re baballe kotsing,
Lefatshe le o rorise.
Ho bolediswe mohau,
Tlhokomelo ya Ona.
O re otla ka mohau,
Mme o a re sireletsa.
Modimo o moholo
Le o binele ka hlompho.
Ikokobetseng, inamang
Le be le o lebohe.
- Re tla o binela Ntate,
Re tla be re o tumise
Mohlodi wa lesedi
Le mohlodi wa bophelo.
Wena ya entseng lefatshe
Ka dintho tse leng siyo;
Modimo o matla ohle,
Fatshe le a o binela.
Oho Ntate, mamela
Ha le rona re o boka,
Re ikopantse le ba bang
Ba maleme asele.
- Mora ya mong a roriswe,
Ya tlisang mahlohonolo.
Binelang Molopolli,
Ya re pholositseng lefung.
Lona batho le tumiseng
Molopolli, Mmuelli,
Yena Hlooho le Morena.
Monghadi re a kgumama,
Re bina ka tlong ya hao;
Wena Morena phahameng
Re bina puso le matla
Tseo e leng tsa hao feela.
- Le Moya o Halalelang
O re tsamaise nepong
O roriswe ke rona.
Ke o re tshepisang lefa,
O re hlekelang le tsela.
O, Moya wa Modimo!
Busa dipelo tsa rona,
O re fe sebete, matla,
Ha re tsielehile,
Re tle re amohediswe,
Re tle re be re latswiswe
Bophelo bo sa feleng.