Menu Close

HO TUMISA HALELUYA!

  1. Jeso o kgutletse (Ha hae lehodimong)
    Dira o di hlotse,
    O kene letlotlong;
    Re kopaneng le ba kganyeng.
    Ho tumisa Haleluya!
  2. O butse monyako
    O hanneng ho rona;
    Bana ba poloko
    Ba kena ka ona;
    Re kopaneng le ba kganyeng
    Ho tumisa Haleluya!
  3. Dira tse mo hanang
    O tla di fedisa,
    Empa ba mo ratang
    O tla ba phedisa;
    Ba kopane le ba kganyeng
    Ho tumisa Haleluya!