Menu Close

Hoja ke se na wena

Hoja ke se na wena,
Jesu, Mmoloki e motle,
Hoja ke se na wena,
Ruri-ruri nka fela.
Nka bona kae tshwarelo
Ya dibe tsa ka tse ngata?
Nka bona kae phomolo,
Hojane o le siyo?

Nka phema jwang bohale
Ba letsatsi la bofelo?
Nka phema jwang bohale,
Hoja o sa nqobele?
Le kotlo tse tshabehang
Tse tlang jwale ka morwallo,
Le lefu le mphallelang,
Nka di balehela jwang?

Jwale, nka reng ho wena,
Ha o se o nkgauhetse?
Jwale, nka reng ho wena?
Ke re: Ahe, Morena!
Rato la hao le hlolang,
Ke lona le ntlhotseng pelo;
Rato la hao le hlolang,
Nka le ananela kang?