Hona fapanong sa hao
Ho na le sediba
Se phekolang ka mohau
Bohle ba demelang.
Lehlaso:
Ho wena, ho wena
Jesu, ke tla tshepa
Tumelong ya kamehla;
Jesu, ke tla boka.
Ka utlwa Sefapanong
Ka rato la mosa,
Teng ka bona pholoso,
Lebone la moya.
Sefaponong, konyana
Ka bitsa ho wena;
Kamehla ke tla dula
Moriting wa sona.
Ke ema Sefapanong
Ka tshepo e tileng;
Ke be ke fihle mane
Mose ho Jordane.