- Hona fapanong sa hao
Ho na le sediba
Se phekolang ka mohau
Bohle ba dumelang.
Lehlaso
Ho wena, ho wena
Jeso, ke tla tshepa
Tumelong ya ka mehla;
Jeso, ke tla boka. - Ka utlwa sefapanong
Ka rato la mosa,
Teng ka bona pholoso,
Lebone la moya. - Sefapanong, Konyana
Ka bitsa ho wena;
Ka mehla ke tla dula
Moriting wa sona. - Ke ema sefapanong
Ka tshepo e tiileng;
Ke be ke fihle mane
Mose ho Jorotane.