- Jehofa, Morena rona,
Re ntse re phela ka wena;
Ka mengwaha le mengwaha
O setshabelo sa rona. - Dithaba di eso tswalwe,
Lefatshe le eso botjwe,
Esale o le Modimo,
O sa balwe le dilemo. - Batho bohle ke lerole,
Ho wena eka dithole;
Ha o re ho bona: Kgutlang!
Eba batho ba fela hang. - Ba jwalo ka matlakala
A kukwang ke dikgohola;
Ba feta jwalo ka toro
E ikelang le bosiu. - Ba tshwana le jwang hosasa,
Bo phakisang ho palesa;
Mantsiboya ha bo helwa,
Bo phakisa ho omella. - Bohale ba hao bo tukang
Ke bona bo re fedisang;
Dibe tsa rona, Morena,
Di bitsa kotlo ya rona. - O di bea pepeneneng
O di hlahisa leseding,
Di bonwe tsohle ke wena,
Le tse patilweng ke rona. - Tshiu tsa rona di ile,
Le dilemo di fedile;
Lemo tseo re di balletsweng
Di mashome a supileng. - Oho, re rute, Morena,
Ho bala tshiu tsa rona,
Tse kgutshwanyane, tse felang;
E be moo re hlalefiswang.