Jehova, Morena rona,
Rentse re phela ka wena;
Ka mengwaha le mengwaha
O setshabelo sa rona.
Dithaba di eso tswalwe
Lefatshe le eso bopjwe,
Esale o le Modimo,
O sa balwe le dilemo.
Batho bohle ke lerole,
Ho wena eka dithole;
Ha o re ho bona: Kgutlang!
Eba batho ba fela hang.
Ba jwale ka matlakala
A kukwang ke dikgohola;
Ba feta jwale ka toro
E ikelang le bosiu.
Ba tshwana le jwang hosasa,
Bo phakisang ho palesa;
Mantsiboya ha bo helwa,
Bo phakisa ho omella.
Bohale ba hao bo tukang
Ke bona bo re fedisang;
Dibe tsa rona, Morena,
Di bitsa kotlo ya rona
O di bea pepeneneng
O di hlahisa leseding,
Di bonwe tsohle ke wena,
Le tse patilweng ke rona.
Tshiu tsa rona di ile,
Le dilemo di fedile;
Lemo tse re di baletsweng
Di mashome a supileng.
Oho, re rute, Morena,
Ho bala tshiu tsa rona,
Tse kgutshwanyane, tse felang;
E be moo re hlalefiswang.