Menu Close

JESO A NYOLOHA

  1. Jeso a nyoloha,
    A kaletse leru,
    Barut’wa ba mmoha,
    Ba hlollwa haholo;
    Empa kgotso ba e filwe,
    Ba dula le ka tebello.
  2. A ya lehodimong,
    A apere kganya;
    A kena letlotlong
    Ka dihaleluya!
    Konyana e re hloletseng
    E roriswe le lefatsheng.
  3. O sa re rapella
    Tulong sa mohau;
    O re lokisetsa
    Bodulo ho Ntate;
    Re tiisetse merapelong,
    Re tle re kene bophelong.
  4. Re bineng lerato
    Le re lopolotseng;
    Re boke ka thabo
    Yare phedisitseng!
    Ha re ne re lahlehile,
    Jeso o re bolokile.