Menu Close

JESO, MONGA RONA

1 Jeso, Monga rona,
Ako be le rona,
Ntswe la hao re le utlwile (bis)
Ka dipelo tsohle.

  1. Ako be le rona,
    Re le utlwisise,
    Tsosa dipelo tsa rona, (bis)
    Di le ratisise!
  2. Kgale ba bangata
    Ba dutse lefifing;
    Lesedi la hao la fihla (bis)
    Mme la ba kgantshetsa.
  3. Kajeno Morena,
    Ba a o rorisa
    Ba neng ba o furaletse, (bis)
    Ba a o rorisa.
  4. Empa ba bangata
    Ba sa le tshenyehong;
    Ba ke ba sokollwe bohle, (bis)
    Ba tle ba pholoswe!
  5. Jeso, Monga rona,
    Ako be le rona,
    O bonese ka ho rona (bis)
    Ka ho loka ha hao!