- Jeso Keresete o tla tla ka tsatsi le leng
Ho tla batla tse leng ntle lefatsheng,
Ho tla ahlola batho kaofela.
Ho tla fihlelwa mang a lebeletse?
Lehlaso
Ho sa tla tshabeha
Ho tleng ha Morena,
Ho sa tla tshabeha
Ho tleng ha Morena! - Ho tla amohelwa bao ho tla fihlelwa
Mabitso a bona a ngodilwe,
A ngodilwe bukeng ya bophelo.
Ke mang eo la hae le tlang ho fumanwa? - Jwale a re iseng mabitso a rona
Hore a ngolwe ke Jeso bukeng,
Hore re be a tla amohelwa
Mohla Morena a bitsang mabitso.