Jesu Kreste o boletse
Hore bodulo bo teng;
Ha re dumela ho yena,
Re tla amohelwa teng.
Lehlaso:
Ho lebeletswe monyako,
Kgorong ya lehodimo,
Ho emetswe ba ka kenang,
Ba itokiseditseng.
Ha ho le ya mong wa bona
Ya ke keng a fihlelwa;
E, leha lefatshe lohle
Le dumela ho yena.
Leha tsela e le thata
Leetong le melekong,
Ha re na le tiisetso
Re tla ba re fihle teng.
Ha re phalleng kaofela!
Ho lokisetswe tsohle.
Tlong! Kopanang matla ho Jesu!
Jesu o tla re thusa.