Menu Close

Jesu o mpone ha ke kgathetse

Jesu, o mpone ha ke kgathetse,
Ke lapile, ke nyahame pelo;
Mona felleng, o ntokiseditse
Selallo, mokete o moholo.

O a mmema le nna, moetsadibe,
Ke je, ke nwe, ke thabe le wena;
Mmele wa hao ke bona bohobe,
Ke nwa le madi a hao, Morena.

O ipha nna, wena ka sebele,
Ke kgora matla, Kgotso lethabo;
Nka batla kae menate esele,
Nka lakatseng ha o mpha hakalo?

Ana ho setseng ka ntle ho wena,
Wena ya kakatletseng ntho tsohle;
Wena, Monghadi, ya ratwang ke nna,
Wena, Jesu, ya nthatileng pele?

Ahe, Jesu, ahe, Morena ka!
O mphile, ke jele; e, ke kgotse.
O fanne haholo, ke a boka,
ka matla a hao ke matlafetse.

Ha ke tloha mona, ke tsamaya,
Nke ke ka arohana le wena;
Hohle ho pheleng le ho shweng ha ka,
Jesu, ke tla nne ke be le wena.