Jesu, rato la hao
O mphile lona;
Ke molato wa hao,
Ke tla o fa’ng?
Ke inea wena,
Ka ‘mele le moya.
Ke ntsha hanyenyane,
O mpha tsohle.
Ntaele Morena,
Ke mofo wa hao;
Thato ke tla etsa
Ya hao yohle.
Ha e ka nkimela,
Dumela, o ntlatse;
Le ho sitoa ha ka
O ntshoarele.
Ke be motshepuwa
Sechabeng sa hao;
Esita le mona
Fatsheng lena.
Nke ke o kgahlise,
Ke iketse mora,
O tl’o kgahlwe ke ‘na
Moren’a ka.
Sefapano sa ka
Ke tla se jara,
O le ka mora’ ka.
O ntjarisa.
Ho timele bo-‘na,
Ho tsoalwe bo-wena,
Ho tl’o ahe ha ka
Wena feela.