Menu Close

Jo lefifi le lekaakang

Jo, lefifi le lekaakang,
Le aparetseng lefatshe!
Jo, botsho bo hlomodisang!
Le tla tjhaba neng letsatsi?

Naledi e ntle ya meso,
Hlaha, kgaola lefifi!
Re lebeletse ka Tshepo
Ho ela ha metjhaedi.

Hasa, hasa phatlalatsa
Sedi la hao le molemo;
Phatsima, benya, phahama,
Tsatsi le letle la Ntate!

Fedisa riti tse dihlong,
Mekgwa, bosoro le madi;
Ho lokollwe ba ditlamong,
Batho ba kgotseng maswabi!

Diphahama di nyakalle
Ka wena, moatameleng;
Le dikgohlo di binele
Lesedi le di fihletse!

Aparela nqalo tsohle
Ka kganya le ka mohau;
Kahohle ho utlwahale
Thoko tsa Mmoloki Jesu!