Skip to content
KAJENO HO NTJHABETSE
- Kajeno, ho ntjhabetse
Letsatsi le letle;
Kgale ke le lebeletse,
Jwale le hlahile.
O nkamohele, Morena,
Le lona, phutheho;
Ke tlilo kena ho lona,
Ke kopa ditulo.
- O nnile wa mpaballa
Botjheng bohle ba ka,
Ho fihlela tsatsi lena
Ke phelang ka lona;
Ho nna e ntse le mohlolo:
O bone eng ho nna,
Ha ke newa lehlohonolo
La ho ema mona?
- Ha ke ema, Morena,
Ho bolela tsa hao,
Ke re, o nolo, o mosa,
O na le lereko;
Pelo ya hao e mohau,
Hape e telele;
Ruri, ha o rate lefu
La baetsadibe.
- O ntatile timelong
Moo ke neng ke shwele
Dibeng tsohle le melatong,
Matleng a dihele.
Kajeno o ntshokolotse,
O ntshwaretse dibe,
O bile o ntjhafaditse
Ka Moya wa nnete.
- Ke a itlama, Morena,
Nna, ngwana hao jwale;
Ke wa ntlo ya hao kajeno,
Ke yena ka nnete;
Ke be yena ka ho rata
Ditaelo tsa hao,
Ke be yena ka ho etsa
Mosebetsi wa hao.