- Tseo ke leng ho tsona feela
Ke tse balwang Bebeleng;
Ke di dumetse kaofela
Ha ke mamele tse ding. - Ke utlwa matla a tsona,
Ke matla a Modimo
A bolokang meya bona
Ba batlang lehodimo. - Morena ka, o bolele,
Ke ntse ke o mametse,
Ha o re di nkgalemele,
Mohlomong di ntshedise. - Pelo ya ka e thabele
Ditaba tsohle tsa hao;
Ke tie, ke di mamele,
Ke tsamaye ka molao!