Skip to content
KE DUMELA HO MODIMO, NTATE
- Ke dumela ho Modimo,
Ntate ya matla ohle,
Ya bopileng lehodimo,
Lefatshe le ntho tsohle,
O sa ntse o di baballa
Ka letsoho le matla;
Le nna ke phela ka ona
O mpaballa ka mehla.
- Le ho Keresete ke dumela,
Mora ona a notshi,
E leng Morena wa rona,
Ke yena Mopholosi.
Ka Moya o Halalelang
O tswetswe ke Maria.
Mehleng ya Ponse Pilato
A utlwiswa bohloko.
- A thakgiswa sefapanong,
A shwa, a patwa bitleng,
A theohela diheleng,
Ka letsatsi la boraro
A tsoha hape bafung,
A nyolohela kganyeng.
O tla kgutla ho ahlola
Ba phelang le ba shweleng.
- Ke dumela Moemedi:
Moya o Halalelang;
Oo e ntseng e le moruti
Wa bohle ba dumelang.
Pelong ya ka o hlahisa
Ditholwana tsa pako;
Ka ona ke lakadiswa
Ho phetha tse molemo.
- Ke dumela le Kereke
E ka hohle lefatsheng,
E leng Monyaduwa Keresete
E halaledisitsweng.
Kopano ya bakgethehi
Le yona ke tokelo
Ya bohle, ditho tsa mmele
Oo Keresete e leng Hlooho.
- Ke dumela le tshwarelo
Ka baka la Mmoloki.
Le hore ho tla ba tsoho
Le phetoho ya mmele
E tla tshwanela ho kena
Mehahong e sa feleng;
Moo kopanong le Morena
Ke tla ya phela kganyeng.