Ha ke ne ke itshela ka dikgapha,
Ke phahloha ke letswalo.
Jesu a mpona, a ba a ntshibolla,
A mphedisa, a mpha le Kgotso.
Ke Kgotso ya Jesu,
E fetang le kutlo ya motho.
Mme esale, jwale ya bojwale,
Ke tsamaya ka nyakallo;
Tsa lefatshe ha ke di belaelle,
Moya ka o kgotswe ke Kgotso.
Ke Kgotso ya Jesu,
E fetang le kutlo ya motho.
Leha ke tetema, ke rerekela,
Ke atetswe ke meleko,
Bohareng ba ka ke ntse ke iketla,
Kamehla, kamehla ke Kgotso.
Ke Kgotso ya Jesu,
E fetang le kutlo ya motho.
Leha ke lla, ke ferekane pelo,
Ke thibane mehopolo,
Sera se nteka habohloko-hloko,
Moya ka ontso o na le Kgotso.
Ke Kgotso ya Jesu,
E fetang le kutlo ya motho.
Ke monyako wa ka ditshiu tsohle;
Ke fatsheng la matshwenyeho;
Bofumeng, lefung, ha ke belaele,
Ke Kgotso e tletseng, ke Kgotso.
Ke Kgotso ya Jesu,
E fetang le kutlo ya motho.