Menu Close

KE LETSATSI LA SABATA

  1. Ke letsatsi la Sabata,
    Tsatsi la Morena.
    Sa thaba setjhaba sa hao
    Ka letsatsi la hao.
  2. O hlotse lefu, Morena
    O le hlotse, Jeso,
    Wena ya tswileng lebitleng
    Ka letsatsi la hao.
  3. O tsohile wena hlooho
    Ya bao ba dumelang,
    Rona ditho, re tla tsoha,
    Rona ba dumelang.
  4. Ho utlwe lentswe la hao,
    Ke dikete jwale.
    Ba tle ba pholoswe dibeng
    Mme ba halaletswe.
  5. Re-a o leboha Jeso
    Ka rato la hao.
    Re hlohonolofaditswe
    Ka ketso eo ya hao.