Menu Close

Ke ngwana hao

Ke ngwan’a hao, bitso la hao le rokoe
Moren’a ka , ke ineela uena
Ke ngwan’a hao, kea u rata, ke a boka
Ke ngwan’a hao, ke ngwan’a hao

Pelong ea ka ke ne ke belaela
Ke sa kholoe, ke lebella tsuo
Seli la hao la ba la mpontsha tsela
Ke ngwan’a hao, ke ngwan’a hao

Khale ke ne ke busoa ke lefatshe
Joale Jesu o ‘nea molao
Ke thabile, pelo ya ka e khotsoe
Ke ngwan’a hao, ke ngwan’a hao

Ho uena, ke re, ke bone bophelo
Ke amohetsoe ke rato la hao
‘Me kajeno ke u neile pelo
Ke ngwan’a hao, ke ngwan’a hao

U ntalimile ha ke sa le hole
Ua nkhahlanyetsa ka rato la hao
Ntate, joale, ke re, ak’u ntshoarele
Ke ngwan’a hao, ke ngwan’a hao

Ho uena ke bone lintho kaofela
Tsohle ka li rua ka tumelo
Sefubeng sa hao, joale, kea phomola
Ke ngwan’a hao, ke ngwan’a hao

Bitso la ka, kajeno o le ngole
Le se ke la tloga bukeng ea hao
Nako ea ka ha e fihla, u nthole
Ke ngwan’a hao, ke ngwan’a hao

Fatsheng lena, moo u reng ke lebelle
Ke ntse ke re, Jesu ke ngwan’a hao
Leholimong, moo u reng ke finyelle
Hohle ke ntse ke le oa hao!