Skip to content
KE TLA ROKA KA PELO
- Ka pelo ya ka, Monghadi
Ke tla roka,
Ke o rorise;
Ka pela medimo ke tla
O binela
Dithothokiso.
Ke tla kgumama ke tlise
Ka tlong ya hao,
Tse o tshwanelang:
Mme, ka baka la lerato,
Bitso la hao
Ke tla le tlotla.
- Le phahame ka boholo
Bitso la hao,
Hodima tsohle!
O utlwile moya wa ka,
Ka thapelo,
Wa o phedisa.
Bahlabani ba lefatshe
Ba tla paka
Boholo ba hao;
Ba tla utlwa mantswe a hao,
Ba nyarohe,
Ba tshabe wena.
- Ba tla kopanela pina,
Ka bongata,
Ba o tlotlise:
Hoba wena, o moholo
O moholo
Ho feta tsohle;
O akgela o le hole
Ihlo la hao
Hodima bona,
Mme o bona ka hodimo
Ho fokola,
Le ho iteka.
- Ha di tsietsing le tshabong,
Matla a ka
A ntahlehela;
Ha dira di tuka mollo
Ka bohale,
Ke tla ho wena.
Morena o matla ruri:
Mosebetsi
Wa hae ha o shwe.
Ha ke se ke ka fokola,
Morena ka,
Nna ya o ratang.