Kenang bohle, baka se sa le teng;
Ttlong, le memilwe, kenang moketeng
Kenang, kenang! Baka se sa le teng.
Le phakise, tsatsi le a dikela;
Le sa le hole, le ka haellwa.
Kenang, kenang! Baka se sa le teng.
Bamemuwa ba subuhlellana,
Ntlo e ya tlala, kenang le lona!
Kenang, kenang! Baka se sa le teng.
Ba teng bohle, le ba lehodimo;
Ba o emetse, ngwana Modimo.
Kena, Kena! Baka se sa le teng.
Ke mokete ka tlung, ke nyakallo;
Na o duletseng ka ntle ka dillo?
Kena, Kena! Baka se sa le teng.
Ha ho kwetswe, mme o setse kantle,
O kopa o lla; Jo, ho fedile!
Ruri, ruri, baka se fetile