- Batho jwale ha ba bona
Kganya ya Naledi,
Yaba ba a e latela
Hohle moo e yang teng,
Rona re tla e latela
Lesedi la rona. - Batho jwale ba thabetse
Ho newa Morena,
Ba kgumamela ngwana eo
O a halalela,
Ha re mo batleng le rona,
Re mo kgumamele. - Le rona re ba etsise
Ha re mo tumisa
Ka ho tlisa tsa bohlokwa
Ka pelo tsa rona.
A re mo tlisetseng tsohle
Tseo re nang le tsona. - Jeso ka matsatsi ohle,
Re tla futsa wena
Ka mehlala ya hao Ntate
Ha o le lefatsheng.
Re tla ho wena, re tiise
Morena ya bokwang.