Menu Close

KGUTSA MOYA WA ME

  1. Kgutsa, kgutsa moya wa me,
    Tsohle di a fetoha
    Senatla e leng Morena
    Yena ha a fetohe.
  2. Bohle ba ikgathaletsa
    Ho fetola ditaba.
    Ba lakatsa tse fetileng;
    Ba pheella tse ka tlang.
  3. Kgutsa, kgutsa moya wa me,
    Eba kgotso ka tsa hao,
    Bona tsohle di a fetoha,
    O nyorelwe Morena.