Skip to content
LEFATSHE KE LA JEHOFA
- Lefatshe ke la Jehofa;
Tsohle tseleng ho lona,
Le ba ahileng ho lona:
Le theilwe hodima
Mawatle le ho bodiba,
Ke mang ya ka nyolohelang,
Ya ka dulang le Jehofa
Thabeng ya Jehofa?
- Ke ya matsoho masweu
Le pelo e hlwekileng,
Ya sokang a etsa bobe,
Le ya sa etseletseng
O tla hlohonolofatswa;
Le ho loka ha Modimo,
Ke kabelo ya ba batlang
Sefahleho sa hae.
- Iphahamiseng menyako;
Menyako ya ka mehla
Ho kene Morena kganya.
Morena wa ka ke mang?
Jehofa ya matla ohle,
Ke Jehofa ya sa sitweng,
Ke ya matla ohle dintweng,
Yena Molwanedi.
- Iphahamiseng menyako;
Menyako ya ka mehla
Le phahamiseng dihlooho;
Kena Morena wa ka.
Ho kene Morena kganya.
Morena wa kganya ke mang?
Ke Jehofa wa makgotla,
Ke yena Morena.