Ke habile lehodimong,
Tseleng ha ke na bodutu;
Ha ke tsamaye ke le mong,
Ke na le Morena Jesu.
Lefelleng, moo ke tsamayang,
Ho lahleha ba bangata;
Empa nna ya ntsamaisang
Ke Jesu, ke mong’a tsela.
Ha ke tsebe pelaelo,
Tlala le ho tshera pelo;
Tjhe, ke ntse ke na le Jesu.
Ha ke ntse ke na le Jesu.
O, ho monate hakaakang
Ha ke boiswa ke Jesu!
O tseba ho fedisa hang
Tsohle tse nkgathatsang pelo.
Mohlomong, tsela e ntenne,
Ke shwele ke mokgathala;
Jesu o teng, ho ntekane,
Oa nkgothatsa, o mpha matla.
Ke habile lehodimong,
Ke ya ka mafolo-folo;
Ha ke sa lakatsa ho hong,
Ha ke tsamaya le Jesu.