Skip to content
LEMOHANG RATO LA JESO
- Lemohang rato la Jeso,
O molemo,
Le feta rato la batho,
O lereko.
A rata ba sa mo rateng,
A batla ba sa mo batleng,
A fumana ba timetseng:
O mohau.
- Ithuteng rato la Jeso,
Le mohlolo,
Le theohelang ho motho
A le soto.
Ke le mo nyollang timelong,
Le mo isa lehodimong,
Ho mo fihlisa bophelong
Ho Modimo.
- Se kgeseng rato la Jeso
Le leholo,
Ke le phahameng jwalo ka
Lehodimo;
Ka nnete ke la bohlokwa,
Ke le se nang ho lekanngwa,
La ya bitswang Moratuwa
Wa Modimo.
- Ke leo rato la Jeso
La sebele;
Ya tshabang tshiu ya lefu
A le kuke.
Phakisang, itlhahaneleng,
Phallang, le le titimeleng;
Le lekane, ha ho le leng,
Ke la bohle.