Menu Close

LENTSWE LA HAO MORENA

  1. Lentswe la hao Morena,
    Ke sejo se monate;
    Le matlafatsa moya
    Bofokoding ba ona.

    Lehlaso:
    Ke rata lona feela
    Ho hodiswa ke lona;
    Ke lona le ntshedisang,
    Ke lona le mphedisang.
  2. Lentswe la hao Morena,
    Ke sejo se tshwanelang
    Bana ba banyenyane
    Ho ba hodisa moyeng.
  3. Lentswe la hao Morena,
    Ke lesedi ka mehla;
    Ha ke na ho lahleha
    Ha le ka ntsamaisa.
  4. Lentswe la hao Morena,
    Ke lerumo le hlabang;
    Le nkgalemela pelong
    Ha ke kgeloha tsela.