- Lesedi la moya wa ka
Ke Morena ya ratehang;
Ka hobane o na le nna,
Ha ho lefifi le mpusang. - O kganya ka mehla yohle,
O bona le dintho tsohle;
Bosiu le motshehare,
Pela hao ha ho sephiri. - O mmatlafatse ka mehla,
Nka etsang ha o le siyo?
Mme ha ke tsamaya kgohlong
Ya lefu, o ntataise. - Wena, Mmopi wa lesedi,
Wena, Mmopi wa bosiu,
Ntsamaise tsatsing lohle,
Le bosiung o be le nna! - Tlo, o ntlhohonolofatse,
Ke tle ke bone lesedi;
O hlakole dibe tsohle,
Ke se ke ka o sitelwa. - Ditshiu tsohle Morena,
Tsa ho phela ha ka mona,
Ke tsamaiswe ke wena,
Ke tle ke be ke fihle hae.