Skip to content
LETSATSI LA HAO, MORENA
- Letsatsi la hao, Morena,
Le ntse le atamela;
Le leholo, le a tshabeha,
La ho tla nka borena.
O itse, o tla lekisa
Shodu la bosiu;
Ke yona nako ya hao ya ho tla,
E sa tsejweng ke motho.
Lehlaso
Raohang, bakeresete, le lebelle Morena;
Matheka a lona a tlangwe,
Mabone ona a tuke, a kganye;
Le emise dihlooho tsa lona,
Le lelalle hodimo, hodimo.
Topollo ya lona ke ena:
Nyakallang, lebohang!
E phethehile ntwa ya lona.
Haleluya!
- Ikgetheng ho ba ditshila,
Le tsweng ka hara bona;
Baballang aparo tsa lona,
Di hloke le letheba.
Tshabang, esere mohlomong
Tsatsi la tlokotsi
La le wela le sa le borokong,
Dibe di le imetse.
- Rapelang, le fadimehe,
Bosiu, motshehare!
Morena o tla hlaha marung,
Ho lata ba dumetseng,
Le ho ahlola lefatshe,
Le bodibe bohle.
Balopollwa bohle ba tla thaba,
Ha ba bona Morena!