- Mamelang mangeloi
 A rorisa Morena:
 Kgotso e be lefatsheng
 Modimo o ho batho.
 Bohle ba pholositsweng
 Ba rorise Modimo.
 Binang le mangeloi
 Pina ya Betlelehema.
 Mamelang, mangeloi
 A binela Morena.
- Bohle ba hlomphe Keresete,
 Modimo o sa feleng.
 Ke thatong ya Modimo
 A hlahileng ka botho,
 Mme a ikokobetsa.
 Lentswe la etswa nama,
 A ballwa hara batho,
 Jeso Emanuele.
 Mamelang, mangeloi
 A binela Morena.
- Ke Morena wa kgotso,
 O re abela toka,
 Lesedi le bophelo.
 Tsohong la hae re a fola.
 O ikokobeditse
 Ho re ntsha hara lefu,
 E, ngwana wa Atama
 Ke wa Modimo hape.
 Mamelang, mangeloi
 A binela Morena.
- Satane o tla fediswa
 Le ona mmuso wa hae;
 Meya e ke e pholoswe
 Ditsietsing tse thata.
 Bohle ba pholositsweng
 Ba rorise Modimo.
 Bina le mangeloi
 Pina ya Betlelehema.
 Mamelang, mangeloi
 A binela Morena.