- Mamelang mantswe a matle,
 A binwang ka sebakeng!
 Na ha se a mangeloi
 A ahileng kganyeng?
 A dumedisa ho tswalwa
 Ha Mmoloki wa batho;
 A bina dihaleluya,
 Dihaleluya feela!
- Kganya e be ho Modimo
 Mahodimong hodimo;
 Kgotso e be teng lefatsheng,
 Batho ba hauhelwe!
 Tsatsing lena le tswaletswe,
 Ka motseng wa Tafita.
 Mmoloki, Keresete Morena:
 Haleluya ka mehla!
- Tlong lona batho, phakisang!
 Tlong, le ithute pina,
 Le tle le e bine hantle,
 Ka nyakallo le thabo!
 Le tsebe taba e kgolo
 E leng ya tswalo ya hae,
 Le e phatlalatse hohle,
 Hara ditjaba tsohle!