Matsatsi a ntse a feta
Badumedi, se tswafeng!
Mosebetsi o moholo;
Ho lebelletswe lona!
Le se iqenehele
Ka ho tshaba hloriso;
Le sebetse ka matla:
Matsatsi a tla feta!
Lehlaso:
A feta, a feta,
A feta, a feta.
A re sebetseng bohle,
Re sebetse ka matla!
Ho tla hlohonolofatswa
Bohle ba sa tepelleng,
Matsatsi a ntse a feta!
Ya sebeletsang Jesu
Ka matla ohle a hae,
A ntse a tiisetsa,
Ka nnete o tla bona
Moputso wa Modimo!