Menu Close

MMOLOKI A TSHOLLA MADI

  1. Mmoloki a tsholla madi,
    Ho pholosa batho
    Mme re hlatsuwa ka ona,
    Re be re lokollwe.
  2. Moo Kgolokgotha madi a hae
    A hlatswa sesenyi;
    Ka mokgwa o jwalo Jeso
    O hlwekisa le nna.
  3. Konyana e re hlabetsweng,
    E, o tla lokolla
    Batho ba ditjhaba tsohle,
    Pusong ya Satane.
  4. Re boka ka pelo yohle
    Mmoloki wa rona,
    Ha a ntse a lokisetsa
    Rona lehodimong.
  5. E, ke-a tseba, lehodimong,
    Ke tla bona Jeso.
    Moo o mpha tulo ya hlompho
    Ya ka ho sa feleng.