Skip to content
MODIMO, BULA DIPELO!
- Modimo, bula dipelo,
O re rekolohele.
Re hopola mahlomola,
Le lerato la Jeso.
Ke mohlolo o makatsang
Oo o bonwang ke ba fetang
Fapanong sa Kgolokgotha.
Lerato le phethehileng,
Le esong ho utlwisiswe,
Le bokwe le ka mehla!
- Mo tadime Kgethesemane,
Bohlokong bo boholo.
Ka moo a neng a le ka teng
Botshabehong ba lefu.
Enere ha barutuwa
Ba robala, a phaphame,
A tshwerwe ke matswalo.
“Ntate, ke a o rapela
Tlosa ho nna, nwelo sena.”
Utlwang sello sa Motho!
- O Konyana ya Modimo,
E tshepisitsweng batho.
E phethileng tsa hodimo.
Ka ho jara thohako.
Yena ya se nang melato,
Le ya jereng sefapano,
Konyana ya Modimo.
O nehetswe ho thakgiswa
Sefapanong sa Kgolokgotha,
Tshepo ya Iseraele.
- Lefu la hao la phekolo,
Ke tshediso e kgolo.
Seo se phethilwe Kgolokgotha,
Se re neha bophelo.
Lefu le re tloseditse
Ditlolo le mahlomola,
Be tsohle le thohako.
Lefu la hao le a ntiisa,
Bophelong kapa ha ke shwa,
Ke kgothatso ya nnete.