Menu Close

MODIMO KE MORENA

  1. Morena ke Modim’o mong,
    Mo tlotliseng kaofela!
    Ke mang ya tshwanang le yena
    Ka kganya le boholo?
    Bitso la hae le leholo
    Le kganya ka bokgabane,
    Le bosafeleng ba hae.
  2. Sedi le kganyang teroneng
    Le re fifatsa mahlo.
    Mangeloi a ikwahela
    Difahleho ka hlompho.
    Ke Modimo o sa bonweng;
    O bonwang feela ke batho
    Mesebetsing ya ona.
  3. Hoja e se matla a hae
    Re ka be re le hokae?
    Matla a hae a sa feleng
    A feta mehopolo.
    Ho yena bohlale bo teng
    Le matla; letsoho la hae
    Le sireletsa tsohle.
  4. O lokile, o molemo!
    O aha le bahlweki.
    Ya o sebeletsang mona
    O tla rweswa moqhaka.
    Ho wena bophelo bo teng
    Jwale, le ka ho sa feleng.
    Mohlodi wa nyakallo!
  5. Nna ke leng moetsadibe
    Nka o atamela jwang?
    Ka yena Jeso, Mmuelli,
    Nka bitswa ngwana Ntate.
    Ke tumisa ka dithoko:
    O moholo, Morena ka!
    Leratong le le kalo.