Menu Close

MODIMO O HOHLE

  1. Dithabeng le diphuleng
    Modimo o hohle.
    Le ha re ja ka hohle
    Le moo o nts’a le teng.
    Mehopolo ya rona
    Moo e ka sollang teng,
    Hodimo kapa tlase,
    Modimo o hohle!
  2. Mahlo a Ntata rona
    A tadima hohle.
    Ya itshepelang yena
    O lehlohonolo.
    Ke yena ya baballang
    Le mafokotsane;
    Sebokwana se fetjwa
    Ke Mmopi wa tsohle.
  3. Tse hahabang lefatsheng,
    Tse phelang ka metsing,
    Tse fofang lehodimong,
    Tsohle di a Mmoka!
    Tse bopilweng kaofela,
    Nyene le bosiu,
    Di paka bokgabane
    Le boholo ba hae.
  4. Bophelo ba ka bohle
    Bo diatleng tsa hae.
    Moo tsohle di ntlohelang
    Yena o sa le teng.
    Moo metswalle e sitwang
    Ho nthusa, le lefung,
    Mothusi ya sa sitweng
    Ke ya leng teng hohle!